E boetse ke nako ea ho thoba matšoafo ka ‘mino o hlabollang oa litsoa-kotleng. E se e le nakoana re sa bue, empa motho oa tšepa hore bohlophisi e ntse e le bo tlang ho khahla uena momameli le molatelli oa ena, pinyane ea lipinyane-nyana koano marang-rang a Internet. U tla hlokomela hape hore khetlong lena ha re hloae; re betsa ho tloha Tele ho ea Mechachane, Kapa ho fihlella teng Cairo, Ma-Egepeteng. Re u tšoaretse puisano ea khale le Zaki Ibrahim, eo tlapa la hae le lecha le tlang ho tsoa neng kapa neng. Ha se hoo feela, re tšoere ‘mino o tsoang ho morena Famole, Zoë Modiga, Johnny Cradle, le mohlankana T.U.R.K.
E je ka tsebe!
Leave a Reply