#Video | DJ Luvas Le Pluto Ba Shapa Ganda Ganda Holim’a Hlaso Lena La Gqom

Luvuyo Njeje le Lungelo Ntombela ke majita a boima, a tjapalletseng sebaeng sena sa gqom. Khoeling tse ‘maloa tsa ho feta ba ile ba nts’a setlabolane sa bona Gandaganda.

Haufi-ufi tjena — bekeng tse sa feteng bone tsa ho feta — Babes Wodumo a nts’a la hae lehlaso, a le reha Gandaganda. Luvuyo le Lungelo, bao mabitso a bona a seemeng e leng DJ Luvas le Pluto ka ho latellana,  ba ile ba se khotsofatsoe ke taba ena, ‘me ba nka qeto ea ho ipiletsa ho ba likoranta. Pale ena e ile ea hlaha bakeng tse ‘maloa, bo-City Press, Daily Sun, Move makasine le tse ling.

Boemeli ba Babes bo ile ba bonts’a hore gandaganda ke nursery rhyme e tummeng, e eang tjena:

Gandaganda Matiyo, zinsimbi zabelungu

Gandaganda, ho ba lulang kapa bona ba kileng ba lula hostel ha ba le sekolong, ke pina tse binoang nakong ea le li-sports. Ke ntsoe le tloaelehileng ke hona. Re ka etsa papiso ka lits’omo; ha ho motho ea mong ea ka reng ke eena ea qapileng pale ea Sankatana.

Pluto le DJ Luvas, Underground Dance Café

Joalokaha e se batho ba mphe-mphe, kapa ba boholang feela ebe ha ho nko ho tsoa lemina, bahlankana bana ba ile ba nts’oara ka lithapo ha ba etetse Khauta bekeng a fetileng, ba botsa hore na ebe re ke se etse mokho’a fitio eo ba ka lekang ho e kenya thelefishineng. Ke ile ka lumela, ka roala mehasoana ntate ekare kea bona, ka titimela ho ka Moqebelo.

Chelete e n’e le sieo, kahoo re ile ra tlameha ho kopanya maboko e le ho bona hore na re ka fihlela eng. Boieane ba fitio re bo shutetse fleteng tsa Carlton View, pelong ea Khauta, pel’a moaho o tummeng oa Carlton Centre. Thoko ho moo, re ile ra ea Underground, e leng tlapa eo Luvas a neng a bapala ho eona ha re tla kopana khetlo la pele lemong sa 2016.

Ts’usumetso ea fitio ke e fumane fitiong tsa grime le tsa botaki, glitch art, joalo-joalo.

E bohe u ikutloise monate.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this: