Mokotlana o n’o sa imametse bekeng ea ho feta, ke kahoo khaolo ea bobeli ea Litsoa-Kotleng e ileng ea batla e lie-lieha. Le ha ho le joalo re teng, ke rona bana. Kajeno u ka lebella ‘mino o hlabosang hammoho le puisano-‘moho e khuts’oane le mohlahisi oa ‘mino Lemekoane. Monna enoa ea hloahloa o arabela potso ea hore na ke eng seo a ratang ho hopoloa ka sona sebaeng sa ‘mino oa Lesotho h’a sa le sieo. Liteboho ha li fele ho bohle ba ntseng ba ikutsoa, ba nka metsotsoana e se mekae ho latsoa tse tsoang ka kotleng. Ha e khutle!
![Litsoa-Kotleng [Khaolo 2] | O.G. Skillz, Anonymous, Lemekoane](https://ntsoana.files.wordpress.com/2016/06/litsoa-kotleng-episode-2_picture-by-tseliso-monaheng.jpg?w=1024)