Litsoa-Kotleng – Podcast Ea ‘Mino Oa Rap Lesotho [Khaolo 0]

E s’e le nakoana joale bacha re tlhalielaka literateng ka ‘mino oa rap Lesotho. Bang ba rona ba hotse ba o mamela, ba o tsoakants’a le Kwaito e neng e le kholo mehleng ea li- 90s. Hoa ts’oenya ha motho u bua le bang ka uena, u ba qoqela ka rap Lesotho, ebe ba tlo u joetsa ka mokhoa oo e se nang thuso ka teng. Ke kahoo ke qalileng podcast ena: ho bonts’a bonono ba rap kahar’a naha, le ho ba le outlet e ‘ngoe ka ntle ho se-ea-le-moea moo ‘mino o ka mameloang ke mang kapa mang.

Khaolong ena ea pele ea Litsoa-kotleng, ke bapala lipina tse tsoang ho Emcee Conundrum, Jiji F le Morena Leraba. Bang ba tla hopolela Leraba ha e le e mong oa Lithuha-Majoe (D2aMajoe) tsa Kommanda Obbs. Conundrum ena ke kakapa ‘minong oa rap, ha Jiji F a il’a tuma kamor’a hore Lesotho All Stars e nts’e pina e ileng ea bitsoa “Basali-Basali“.

Tracklist

Emcee Conundrum – “Khubetsoana”

Jiji F – “Bandz” (ft. Kopano)

Morena Leraba – “Mehau” [bootleg]

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this: